MOSHOESHOE LE MADIMO

Moshoeshoe le madimo

by Refilwe

Read the story text

MOSHOESHOE LE MADIMO

Kgale kgale ka selemo sa 1820, naheng ya Lesotho ho ile ha ba le dintwa tse tshosang tse ileng tsa hlola tlala. Masimo a ile a senyeha, dikgomo tsa shwa mme batho ba bangata ba ile ba bolawa ke tlala. Tlala ena e ile ya qobella dihlopha tse ding tsa batho ho balehela dithabeng mme ke moo teng ba ileng ba fetoha madimo, ba qala ho ja batho e le hore ba kgone ho fumana dijo bakeng sa ho se bolawe ke tlala. Sehlopha sena se ileng sa fetoha madimo se ne se etelletswe pele ke monna ya bitswang Rakotsoane.

Ka selemo sa 1824, Morena Moshoeshoe o ile a etsa qeto ya ho tlosa batho ba hae Butha-Buthe ho ba isa Thaba Bosiu. Thaba Bosiu e ne e le sebaka se tshireletsehileng, se n thusa batho ba hae ho tshireletseha kgahlanong le Madimo. Morena Moshoeshoe o ne a tsebahala ka bohlale le boetapele ba hae. O ne a dumela hore morena ya molemo o lokela ho tshireletsa batho ba hae le ho batla tharollo mathateng a bona.

Ka le leng la matsatsi Morena Moshoeshoe le mabotho a hae ba ile ba tjheha marabe a ho tshwara Rakotsoane le batho ba hae, mabotho a Moshoeshoe ne ba batla hore ba bolauwe empa Morena o ile a hana a re Madimo ao ke mabitla, mme ka sesotho Motho ha a tshwenye mabitla a baholo ba hae “Motho ha a tshwenye mabitla a baholo-holo ba hae”

Morena Moshoeshoe o ile hlokomela hore tlala ke yona e neng e susumelletsa hore batho bana ba etse dintho tsena tse mpe. O ile a re ho batho ba hae "Ha re ba bolaye , re ba fa monyetla wa ho phela ba lokise maphelo a bona" Morena o ile a ba fa dijo le peo ba leme, ba se ke ba hlola ba bolawa ke tlala hape ba se ke ba ja batho hape

Ka thuso ya Morena Moshoeshoe, Rakotsoane le batho ba hae ba ile ba fumana monyetla wa ho aha maphelo a bona botjha . Ba ile ba lema peo eo ba neng ba e filwe, ba hlokomela dijalo tsa bona, mme ba sebetsa ka thata hore ba fumane dijo. Ha nako e ntse e ya, ba ile ba qala ho phela hantle. Batho ba ile ba ithuta hore tshebedisano-mmoho le kutlwelo-bohloko di ka thusa ho rarolla mathata a maholo. Morena Moshoeshoe o ile a bontsha hore boetapele ha se ho laela batho feela, empa ke ho utlwisisa mathata a bona le ho ba thusa ho fumana tharollo.

GROUP 5 TSA NALANE XEGO N 46902724 MATSHABISA P.D 42328020 THULO M.P 47293179 MOLETSANE K.A 50720252 MOFOKENG R 36594962

Sharing

Hint: Share your story using this link

Refilwe's Storybooks

No stories here yet.